BIBELE e Halalelang

Esaia 7:14-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).

15. O tla ja lebese le dinotshi, a be a tsebe ho hana bobe le ho ikgethela botle.

16. Empa ngwana ha a eso ho tsebe ho hana bobe le ho ikgethela botle, lefatshe leo o tshabang marena a lona a mabedi, le tla senyeha.

17. Ka morena wa Assiria Jehova o tla o hlahisetsa, wena le setjhaba sa hao, le ntlo ya ntatao, matsatsi ao a jwaloka wona a esong ho bonwe, haesale le mohla Efraime a kgaohaneng le Juda.

18. Mehleng eo, Jehova o tla letsetsa dintsintsi tse phellong ya dinoka tsa Egepeta molodi, le dinotshi tse lefatsheng la Assiria.

19. Di tla tla, di dule kaofela dikgutlong tse dilomo, le mafarung a mafika, le dihlahleng tsohle, le makgulong wohle.

20. Ka tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare leo a le adimileng mose wa noka, ke ho re, ka morena wa Assiria o tla beola hlooho le mohwete wa maoto, a tlose le ditedu.

21. Mehleng eo, motho e mong le e mong o tla alosa sethole se le seng le dinku tse pedi.

22. Mme kahobane di tla sisa haholo, ba tla ja mafi, hobane e mong le e mong ya siilweng lefatsheng leo o tla ja mafi le dinotshi.

23. Mehleng eo, masimo wohle a merara e sekete, e lekaneng dishekele tse sekete, a tla medisa dibajwa le meutlwa.

24. Naha eo e tla kenwa ka metsu le diqha, hobane naha kaofela e tla tlala dibajwa le meutlwa.

25. Dithaba tsohle tse neng di lengwa ka mehoma, ho ke ke ha hlola ho tsamauwa ho tsona ka baka la ho tshaba dibajwa le meutlwa, empa di tla etswa makgulo a dikgomo, di hatakelwe ke manku.