BIBELE e Halalelang

Esaia 7:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mehleng ya Akase, mora Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, Retsine, morena wa Siria, le Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba sitwa ho o thibella.

2. Eitse ha ntlo ya Davida e bolellwa ho thwe, Basiria ba kopane le Baefraime, pelo ya Akase le dipelo tsa batho ba hae tsa sisinyeha, jwaloka difate tsa meru ha di sisinngwa ke moya.

3. Yaba Jehova o re ho Esaia: Tloha jwale, o kgahlanyetse Akase, ho ye wena le Sheare-Jashube, mora hao; le tla mo fumana bofellong ba foro ya metsi a letsha le hodimo, mmileng wa tshimo eo ho hlatsuwang ho yona.

4. Ere ho yena: O itebele, empa o itulele, pelo ya hao e se ke ya fokodiswa ke dirumula tseo tse pedi tse kubellang; se tshabe bohale bo tjhesang ba Retsine, le ba Siria, le ba mora Remalia.

5. Leha Siria le Efraime le mora Remalia ba rerile ho o etsa hampe, ba re:

6. A re futuheleng Juda, re thibelle, re ikgapele motse, re bee mora Tabeele morena wa teng.