BIBELE e Halalelang

Esaia 66:13-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Jwaloka motho ya tshediswang ke mmae, ke tla le tshedisa jwalo, mme le tla tshediswa Jerusalema.

14. Le tla bona hoo, mme dipelo tsa lona di tla thaba, masapo a lona a mele jwaloka jwang; letsoho la Jehova le tla tsejwa ke bahlanka ba hae; empa o tla halefela dira tsa hae.

15. Hobane bonang, Jehova o ya tla ka mollo, makoloi a hae a be jwaloka sefefo, a tukise bohale ba hae, mme ho befa ba kgalemelo ya hae ho fetohe malakabe a mollo.

16. Hobane Jehova o tla ahlola nama yohle ka mollo, a otle nama yohle ka lerumo la hae; palo ya ba tlang ho bolawa ke Jehova e tla ba kgolo.

17. Haele ba ba ikgethelang medimo, ba itlhatswang lirapeng, e mong kamora e mong, ba jang nama ya kolobe, le dijo tse manyala, le ditweba, ba tla timela hammoho, ho bolela Jehova.

18. Mesebetsi ya bona le mehopolo ya bona e pepeneneng ho nna ... E se e le nako ya ho phutha ditjhaba kaofela le dipuo tsohle, hore di tle, mme di bohe kganya ya ka.

19. Ke tla bea pontsho ho bona, mme hara ba phonyohileng ke nke ba bang, ke ba romele ditjhabeng, Tarshishe, Pule le Lude, ho ba tjhehang seqha Tubale, le Javane, le dihlekehlekeng tse hole, tse esong ho utlwe taba tsa ka le ho bona kganya ya ka; mme ba tla tumisa kganya ya ka hara ditjhaba.

20. Ba tla tlisa banababo lona ba tswang ditjhabeng tsohle, e be kabelo ho Jehova, ba ba tlise ka dipere, le ka makoloi, le ka malao, le ka diesele, le ka dikamele, thabeng ya ka e halalelang, Jerusalema: ho bolela Jehova; ho be jwaloka mohla bana ba Iseraele ba tlisang dinyehelo tsa bona ka tlung ya Jehova ka dipitsa tse hlwekileng.