BIBELE e Halalelang

Esaia 66:10-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ithabiseng le Jerusalema, nyakallo ya lona e ke e tsoswe bakeng sa hae, lona kaofela ba mo ratang! Ithabeleng haholo le yena, lona kaofela ba nnileng ba mo llela;

11. hore le tle le anyeswe, le kgoriswe ke letswele la matshediso a hae, le tle le nwe ka nyakallo mononong wa kganya ya hae.

12. Hobane Jehova o re: Bonang, ke tla phallisa kgotso ho yena jwaloka noka, kganya ya ditjhaba e mo phallele jwaloka molapo o kgaphatsehang; le tla anyeswa, le sikwe matsohong, le phaphathwe mangoleng.

13. Jwaloka motho ya tshediswang ke mmae, ke tla le tshedisa jwalo, mme le tla tshediswa Jerusalema.

14. Le tla bona hoo, mme dipelo tsa lona di tla thaba, masapo a lona a mele jwaloka jwang; letsoho la Jehova le tla tsejwa ke bahlanka ba hae; empa o tla halefela dira tsa hae.