BIBELE e Halalelang

Esaia 65:18-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Empa le tla ba le thabo le nyakallo e sa feleng ka seo ke yang ho se bopa, hobane bonang, ke ya bopa Jerusalema e be motse wa thabo, le setjhaba sa wona e be setjhaba se kgotsheng thabo.

19. Ke tla etsa Jerusalema thabo ya ka, setjhaba sa ka ke se etse lehlohonolo la ka; lentswe la dillo ha le sa tla hlola le utlwahala teng, leha e le lentswe la pokollo.

20. Teng, ha ho lesea le tlang ho tswallwa hore le phele ka matsatsi a se makae, ha ho leqheku le sa tlo ka le phetha palo ya matsatsi a lona; hobane ya tlang ho shwa a le dilemo tse lekgolo, etlaba o shwele a sa le motjha; ya tla shwa a le dilemo tse lekgolo, e tla ba moetsadibe ya rohakwang ka hlapa.

21. Ba tla haha matlo, ba dule ho wona; ba tla hloma merara, ba je ditholwana tsa yona.

22. Ba ke ke ba haha matlo, osele a dula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholwana tsa yona, hobane matsatsi a setjhaba sa ka a tla lekana le matsatsi a difate, mme bakgethwa ba ka ba ba tla bona mesebetsi ya matsoho a bona e tsofalla ho bona.

23. Ba ke ke ba sebeletsa lefeela, ba ke ke ba tswala bana, mme ba lahlehelwa ke bona kapele; hobane e tla ba leloko le hlohonolofaditsweng ke Jehova, mme bana ba bona ba tla nne ba dule le bona.

24. Etlare ba eso ho howe, ke tla be ke se ke ba arabile; etlare ba sa bolela, ke tla be ke se ke ba utlwile.

25. Phiri e tla fula hammoho le konyana, tau e tla fula jwang jwaloka kgomo, lerole e be dijo tsa noha; di ke ke tsa kgathatsa, leha e le ho senya thabeng ya ka yohle e halalelang: ho bolela Jehova.