BIBELE e Halalelang

Esaia 65:13-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bahlanka ba ka ba tla ja, empa lona le tla lapa; bonang, bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bonang, bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bonang, bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba.

14. Bonang, bahlanka ba ka ba tla bina ka baka la thabo ya dipelo tsa bona, empa lona le tla lliswa ke bohloko ba pelo, le bokolle ke moya o swabileng.

15. Le tla siela bakgethwa ba ka lebitso la lona e le thohako, mme Morena Jehova o tla le bolaya; haele bahlanka ba hae, o tla ba bitsa ka lebitso le leng,

16. hore e mong le e mong ya ratang ho hlohonolofatswa lefatsheng, a rate ho hlohonolofatswa ka Modimo wa nnete, mme e mong le e mong ya tlang ho ana lefatsheng a ane ka Modimo wa nnete, mme e mong le e mong ya tlang ho ana lefatsheng, a ane ka Modimo wa nnete, hobane ditsietsi tsa pele di tla lebalwa, di patwe mahlong a ka.

17. Hobane bonang, ke ya bopa mahodimo a matjha le lefatshe le letjha; tse fetileng ha di sa tla hlola di hopolwa, di ke ke tsa kgutlela mehopolong.

18. Empa le tla ba le thabo le nyakallo e sa feleng ka seo ke yang ho se bopa, hobane bonang, ke ya bopa Jerusalema e be motse wa thabo, le setjhaba sa wona e be setjhaba se kgotsheng thabo.

19. Ke tla etsa Jerusalema thabo ya ka, setjhaba sa ka ke se etse lehlohonolo la ka; lentswe la dillo ha le sa tla hlola le utlwahala teng, leha e le lentswe la pokollo.