BIBELE e Halalelang

Esaia 65:1-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke batlwa ke ba neng ba sa botse taba tsa ka, ke fumanwa ke ba neng ba sa mpatle; ka re ho setjhaba se neng se sa ipitse ka lebitso la ka: Ke nna enwa, ke nna enwa!

2. Ke bile ke ntshitse matsoho a ka ka matsatsi wohle, ho a otlollela setjhaba se ikgantshang, se latelang mehopolo ya sona tseleng e kgopo;

3. setjhaba sa ba nkgalefisang kamehla pontsheng, ba etsang mahlabelo dirapeng, ba tjhesang dibano dialetareng tsa makote;

4. ba dulang mabitleng, mme ba hlola bosiu mahaheng, ba jang nama ya dikolobe; ba tlatsang mekeke ya bona ka dijo tse manyala;

5. ba reng: Ema hojana, se atamele ho nna, hobane ho wena ke ya kgethehileng. Batho bao ke mosi dinkong tsa ka, mollo o tukang kamehla.

6. Bonang, dibe tsa bona di ngodilwe pela ka; nke ke ka kgutsa, ke eso ho di busetse le ho di buseletsa difubeng tsa bona;

7. e leng makgopo a lona le makgopo a bontata lona hammoho, ho bolela Jehova, ba neng ba tjhesa dibano hodima dithaba, ba ntlotlolla le hodima maralla; ka baka leo, ke tla ba lekanyetsa difubeng tsa bona moputso wa diketso tsa bona tsa pele.

8. Ho itswe ke Jehova: Jwaloka batho ha ba fihlela metsi ditholwaneng tsa morara, ba re: Se di senyeng, hobane nala e teng ho tsona, ke tla etsa jwalo ka baka la bahlanka ba ka, ke se ke ka ba timetsa bohle.

9. Ke tla ntsha leloko ho Jakobo, le mojalefa wa dithaba tsa ka ho Juda, bakgethwa ba ka ba tla di rua, bahlanka ba ka ba ikahele ho tsona.

10. Lehwatata la Sharone e tla ba meraka ya manku, kgohlo ya Akore e be makgulo a makgomo a setjhaba sa ka se mpatlileng.

11. Empa lona ba lahlang Jehova, ba lebalang thaba ya ka e halalelang, ba beelang Tosa tafole, ba tshellang Sefalabohoho seno se tswakilweng,

12. ke le neeletse lerumo, mme le tla akgelwa polaong, hobane ke bitsitse, empa ha le a ka la araba; ke boletse, empa ha le a ka la mamela, mme le entse sebe pela mahlo a ka, la ikgethela seo ke sa se rateng.

13. Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bahlanka ba ka ba tla ja, empa lona le tla lapa; bonang, bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bonang, bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bonang, bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba.

14. Bonang, bahlanka ba ka ba tla bina ka baka la thabo ya dipelo tsa bona, empa lona le tla lliswa ke bohloko ba pelo, le bokolle ke moya o swabileng.

15. Le tla siela bakgethwa ba ka lebitso la lona e le thohako, mme Morena Jehova o tla le bolaya; haele bahlanka ba hae, o tla ba bitsa ka lebitso le leng,

16. hore e mong le e mong ya ratang ho hlohonolofatswa lefatsheng, a rate ho hlohonolofatswa ka Modimo wa nnete, mme e mong le e mong ya tlang ho ana lefatsheng a ane ka Modimo wa nnete, mme e mong le e mong ya tlang ho ana lefatsheng, a ane ka Modimo wa nnete, hobane ditsietsi tsa pele di tla lebalwa, di patwe mahlong a ka.