4. Hobane letsatsi la tefetso le teng pelong ya ka, ngwaha wa balopollwa ba ka o se o tlile.
5. Ke tadimile ke hona, mme ka hloka mothusi; ka makala ha ke hlokile ya nkemelang. Ke moo letsoho la ka le nthusitseng le kgalefo ya ka e nkemetseng.
6. Ke hataketse ditjhaba bohaleng ba ka, ke di tahisitse kgalefong ya ka, ka tshollela madi a tsona fatshe.
7. Ke tla bina mehauhelo ya Jehova le dithoko tsa Jehova hodima tsohle tseo Jehova a di entseng bakeng sa rona, le hodima lereko le leholo leo a rekolohetseng ntlo ya Iseraele ka lona, leo a ba etseditseng lona ka mohau wa hae le ka boholo ba mehauhelo ya hae.
8. Hobane o itse: Ke setjhaba sa ka, ke bana ba sa ikgantsheng; mme e bile Molopolli wa bona.
9. Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.
10. Empa ba nna ba ikgantsha, ba halefisa Moya wa hae o Halalelang; yaba o ba fetohela sera, ya eba yena ya ba lwantshang.
11. Yaba setjhaba sa hae se elellwa mehla ya kgale ya Moshe, sa re: O kae ya ba ntshitseng lewatleng, ba ena le modisa wa mohlape wa hae? O kae ya neng a bea Moya wa hae o Halalelang hara bona;
12. ya neng a ema ho le letona la Moshe, a ba tsamaisa ka letsoho le kganyang la hae, a arola metsi pela bona, a tle a iketsetse lebitso le tumileng ka ho sa feleng;
13. ya ba haodisitseng hara madiba jwaloka pere e mathang lehwatateng, ba se ke ba kgoptjwa?
14. Jwaloka dikgomo ha di theohela thoteng, moya wa Jehova o ba finyeleditse phomolong jwalo: ke ka mokgwa oo o tsamaisitseng setjhaba sa hao, hore o iketsetse lebitso le kganyang.
15. Tadima, o le lehodimong; o bone, o le nqalong ya hao e halalelang, e kganyang! Na e kae tjheseho ya hao le matla a hao? Ho sisinyeha ha pelo ya hao le mohau wa hao, na o re thibelletseng tsona na?
16. Athe o ntata rona; Abrahama yena a ke ke a re tseba, le Iseraele a ka re hana; wena Jehova, o ntata rona, mme lebitso la hao ke Molopolli wa rona, esale hlolehong.
17. Oho Jehova, o re kgelosetsang ditsela tsa hao, o thatafaletsang dipelo tsa rona, re ke re lese ho o tshaba? Rekoloha ka baka la bahlanka ba hao, e leng meloko ya lefa la hao!
18. Setjhaba se halalelang sa hao se kile sa rua naha ho se hokaenyana; dira tsa rona di hataketse sehalalelo sa hao.
19. Re fetohile setjhaba se jwaloka tseo o sa kang wa di busa, tse sa kang tsa bitswa ka lebitso la hao.