BIBELE e Halalelang

Esaia 63:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke mang eo ya tlohang Edomo, ya tswang Botsra, ka diaparo tse takilweng ka bofubedu, ya kganyang ka kobo ya hae, ya tsamayang ka boholo ba matla a hae? Ke nna ke bolelang ho loka, ke nang le matla wohle a ho boloka.

2. Na kobo ya hao e kgubedu keng, le diaparo tsa hao di jwaloka tsa ya hatelang sehatelong sa veine keng?

3. Ke hatetse ke nnotshi sehatelong, ha ho motho hara ditjhaba ya ntlatsitseng; ke di hataketse kgalefong ya ka, ke di pitlile bohaleng ba ka; madi a tsona a tshetse diaparo tsa ka, mme kobo ya ka e bile matheba kahohle.

4. Hobane letsatsi la tefetso le teng pelong ya ka, ngwaha wa balopollwa ba ka o se o tlile.

5. Ke tadimile ke hona, mme ka hloka mothusi; ka makala ha ke hlokile ya nkemelang. Ke moo letsoho la ka le nthusitseng le kgalefo ya ka e nkemetseng.

6. Ke hataketse ditjhaba bohaleng ba ka, ke di tahisitse kgalefong ya ka, ka tshollela madi a tsona fatshe.

7. Ke tla bina mehauhelo ya Jehova le dithoko tsa Jehova hodima tsohle tseo Jehova a di entseng bakeng sa rona, le hodima lereko le leholo leo a rekolohetseng ntlo ya Iseraele ka lona, leo a ba etseditseng lona ka mohau wa hae le ka boholo ba mehauhelo ya hae.

8. Hobane o itse: Ke setjhaba sa ka, ke bana ba sa ikgantsheng; mme e bile Molopolli wa bona.

9. Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.

10. Empa ba nna ba ikgantsha, ba halefisa Moya wa hae o Halalelang; yaba o ba fetohela sera, ya eba yena ya ba lwantshang.

11. Yaba setjhaba sa hae se elellwa mehla ya kgale ya Moshe, sa re: O kae ya ba ntshitseng lewatleng, ba ena le modisa wa mohlape wa hae? O kae ya neng a bea Moya wa hae o Halalelang hara bona;

12. ya neng a ema ho le letona la Moshe, a ba tsamaisa ka letsoho le kganyang la hae, a arola metsi pela bona, a tle a iketsetse lebitso le tumileng ka ho sa feleng;

13. ya ba haodisitseng hara madiba jwaloka pere e mathang lehwatateng, ba se ke ba kgoptjwa?

14. Jwaloka dikgomo ha di theohela thoteng, moya wa Jehova o ba finyeleditse phomolong jwalo: ke ka mokgwa oo o tsamaisitseng setjhaba sa hao, hore o iketsetse lebitso le kganyang.