BIBELE e Halalelang

Esaia 61:9-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Leloko la bona le tla tsejwa hara ditjhaba, le ditloholo tsa bona hara merabe; bohle ba tlang ho ba bona ba tla ba tseba hoba ke leloko le hlohonolofaditsweng ke Jehova.

10. Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.

11. Hobane jwalokaha lefatshe le medisa dimela tsa lona, le jwaloka tshimo ha e medisa tse jadilweng ho yona, ho jwalo Morena Jehova o tla medisa ho loka le dithoko pontsheng ya ditjhaba kaofela.