BIBELE e Halalelang

Esaia 61:3-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.

4. Ba tla tsosa marako a kgale, ba tsose masupi e senyehileng kgale, ba ntjhafatse metse e senyehileng, esaleng e le dithako mehleng ya kgale.

5. Baditjhaba ba tla ba teng, ba alose mehlape ya lona; bana ba basele ba tla le lemela, ba le hlomele merara.

6. Empa lona, le tla bitswa baprista ba Jehova, le bahlanka ba Modimo wa rona. Le tla ja menono ya ditjhaba, le ithorise kganyeng ya tsona.

7. Bakeng sa maswabi ao le bileng le wona, le tla sitswa habedi; bakeng sa nyatso, ba tla thabela kabelo ya bona; hobane ba tla abelwa habedi naheng ya bona, mme ba tla nne ba thabe ka ho sa feleng.

8. Hobane nna, Jehova, ke rata ho lokileng, mme ke hloile boshodu le bolotsana; ke tla ba nea meputso ya bona e ba lokelang, ke ba sitse ka selekane se sa feleng.