BIBELE e Halalelang

Esaia 60:8-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Bao ba fofang jwaloka maru le jwaloka maeba a rurelang matlung a wona, ke bomang?

9. Etswe dihlekehleke di lebeletse nna, mme dikepe tsa Tarshishe di le sehloohong ho tlisa bana ba hao ba neng ba le hole, le kgauta, le silefera tsa bona, ho tlotlisa lebitso la Jehova, Modimo wa hao, le la Mohalaledi wa Iseraele, hobane o o apesitse ka kganya.

10. Bara ba baditjhaba ba tla tsosa marako a hao, marena a tsona a o sebeletse, hobane, ke na be ke o otlile kgalefong ya ka, empa lerekong la ka ke o hauhetse.

11. Menyako ya hao e tla dula e butswe kamehla; e ke ke ya kwalwa nyene leha e le bosiu, ho tle ho tliswe ho wena maruo a ditjhaba, le marena a tsona.

12. Hobane ditjhaba le mebuso e tlang ho hana ho o sebeletsa, e tla fela; ditjhaba tseo di tla senyeha hampe.

13. Bokgabane ba Lebanone bo tla tla ho wena; le kiprese le pine le fire hammoho, ho tle ho kgabiswe ka tsona nqalo ya sehalalelo sa ka, mme nqalo ya maoto a ka e etswe e kganyang.

14. Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho wena, ba ikokobeditse; ba o nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla o bitsa: motse wa Jehova, Sione wa Mohalaledi wa Iseraele.

15. Bakeng sa hoba o ne o tlohetswe, o hloilwe, mme ho ne ho se motho ya haolang ka wena, ke tla o etsa motse o kganyang ka ho sa yeng kae, ke o bee ya thabelwang mefuteng le mefuteng.

16. O tla anya lebese la ditjhaba, o anye matswele a marena, mme o tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki le Molopolli wa hao, Ya matla wa Jakobo.

17. Ke tla tlisa kgauta bakeng sa koporo, silefera bakeng sa tshepe, le koporo bakeng sa lehong, le tshepe bakeng sa majwe, mme ke tla o fa kgotso e be mmusi wa hao, mme ho loka e be moahlodi wa hao.

18. Ha ho sa tla utlwahala bothata naheng ya hao, leha e le tshenyo le tshenyeho meeding ya hao; empa o tla rea marako a hao lebitso la Poloko, o ree menyako ya hao lebitso la Kganya.

19. Ha e sa tla ba letsatsi le o bonesang motshehare, le kgwedi e ke ke ya hlola e o etsetsa ngwedi, empa Jehova e tla ba lesedi le sa feleng ho wena, Modimo wa hao e be kganya ya hao.