BIBELE e Halalelang

Esaia 60:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Tsoha, Jerusalema, o boneswe, hobane lesedi la hao le hlahile, kganya ya Jehova e o tjhabetse!

2. Hobane bona, lefifi le kwahetse lefatshe, botsho bo apesitse ditjhaba; empa Jehova o tla o tjhabela, kganya ya hae e bonahale hodima hao.

3. Ditjhaba di tla tla tsamaya leseding la hao, marena a tle kganyeng ya mahlasedi a hao.

4. Tsamaisa mahlo kahohle, mme o tadime! Ba bokana kaofela ho tla ho wena; bara ba hao ba tla, ba etswa hole, baradi ba hao ba pepilwe mahlakoreng.

5. Ka ho bona hoo, o tla thaba, pelo ya hao e tla makala, e ahlame ke thabo; menono ya lewatle e lebile ho wena, le maruo a ditjhaba a ya tla ho wena.

6. O tla kwahelwa ke bongata ba dikamele le ba dipetsana tsa tsona tsa Midiane le tsa Efa; bohle ba Seba ba tla tla ba belesitse kgauta le dibano, mme ba tla tumisa dithoko tsa Jehova.

7. Mehlape yohle ya Kedare e tla bokellelwa ho wena, dipheleu tsa Nebajothe di kene tshebeletsong ya hao; di tla hlwella aletareng ya ka, mme ke tla kgabisa ntlo ya kganya ya ka.

8. Bao ba fofang jwaloka maru le jwaloka maeba a rurelang matlung a wona, ke bomang?

9. Etswe dihlekehleke di lebeletse nna, mme dikepe tsa Tarshishe di le sehloohong ho tlisa bana ba hao ba neng ba le hole, le kgauta, le silefera tsa bona, ho tlotlisa lebitso la Jehova, Modimo wa hao, le la Mohalaledi wa Iseraele, hobane o o apesitse ka kganya.

10. Bara ba baditjhaba ba tla tsosa marako a hao, marena a tsona a o sebeletse, hobane, ke na be ke o otlile kgalefong ya ka, empa lerekong la ka ke o hauhetse.

11. Menyako ya hao e tla dula e butswe kamehla; e ke ke ya kwalwa nyene leha e le bosiu, ho tle ho tliswe ho wena maruo a ditjhaba, le marena a tsona.

12. Hobane ditjhaba le mebuso e tlang ho hana ho o sebeletsa, e tla fela; ditjhaba tseo di tla senyeha hampe.

13. Bokgabane ba Lebanone bo tla tla ho wena; le kiprese le pine le fire hammoho, ho tle ho kgabiswe ka tsona nqalo ya sehalalelo sa ka, mme nqalo ya maoto a ka e etswe e kganyang.

14. Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho wena, ba ikokobeditse; ba o nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla o bitsa: motse wa Jehova, Sione wa Mohalaledi wa Iseraele.

15. Bakeng sa hoba o ne o tlohetswe, o hloilwe, mme ho ne ho se motho ya haolang ka wena, ke tla o etsa motse o kganyang ka ho sa yeng kae, ke o bee ya thabelwang mefuteng le mefuteng.