BIBELE e Halalelang

Esaia 6:9-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. A re: Eya, o bolelle setjhaba seno, o re: Le tla mamela, empa le ke ke la utlwisisa; le tla tadima, empa le ke ke la bontshisa.

10. Nontsha pelo tsa batho bao, o thatafatse ditsebe tsa bona, o ba pompatse mahlo, hore ba se bone ka mahlo, ba se utlwe ka ditsebe, dipelo tsa bona di se elellwe, ba se ke ba baka, ba fola.

11. Yaba ke re: Ho fihlela neng, Morena? A re: Ho fihlela metse e heleha, e hloka baahi, le matlo a hloka batho, le naha e senyeha, e eba lesupi;