BIBELE e Halalelang

Esaia 6:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa ho shwa ha morena Osiase, ka bona Jehova a dutse teroneng e kgolo, e phahameng; mophetho wa seaparo sa hae wa tlala tempele.

2. Dirafime di ne di eme hodimo ho yena; se seng le se seng se ne se na le mapheo a tsheletseng; ka a mabedi di ne di itshirela difahleho, ka a mabedi di ne di ikwahela maoto, ka a mabedi di ne di rura.

3. Tsa howeletsana, tsa re: O a halalela, O a halalela, O a halalela, Jehova wa makgotla; lefatshe lohle le tletse kganya ya hae!

4. Yaba metheo ya menyako ya tempele e sisinyeha ke lentswe la mohoo oo, mme tempele ya tlala mosi.

5. Yaba ke re: Ho madimabe nna, ke timetse, hobane ke motho ya melomo e ditshila, ke ahile hara setjhaba se melomo e ditshila, mme ke bone Morena, Jehova wa makgotla, ka mahlo!

6. Empa serafime se seng sa rurela ho nna, se tshwere leshala le hlenneng letsohong la sona, leo se le okgileng aletareng ka letlao.

7. Sa ama molomo wa ka ka lona, sa re: Leshala lena le amile melomo ya hao; jwale, bokgopo ba hao bo tlositswe, sebe sa hao se phekotswe.

8. Ka ntoo utlwa lentswe la Morena, le re: Ke tla roma mang? Ho tla ya mang bakeng sa rona? Mme ka re: Ke nna enwa, roma nna!