BIBELE e Halalelang

Esaia 59:6-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Bolepo ba bona bo ke ke ba etswa diaparo, ba ke ke ba ikapesa ka mesebetsi ya bona, hobane mesebetsi ya bona ke mesebetsi ya bolotsana; kgalefo le tshenyo di matsohong a bona.

7. Maoto a bona a mathela bobeng, ba potlakela ho tsholla madi a se nang molato; mehopolo ya bona ke mehopolo ya bolotsana; tshenyo le timetso di ditseleng tsa bona.

8. Ha ba tsebe tsela ya kgotso, ho loka ha ho yo mekgweng ya bona; ba iketseditse ditsela tse kgopo; e mong le e mong ya tsamayang ho tsona ha a tsebe kgotso.

9. Ke ka baka leo tokiso e leng hole le rona, mme ho loka ho sa fihle ho rona; re lebeletse lesedi, mme bonang, ke lefifi; re lebeletse kganya, mme re tsamaya botshong.

10. Re sika le lerako ka ho phopholetsa jwaloka difofu, re phopholetsa jwaloka hola re se na mahlo; re kgoptjwa motshehare jwaloka hoja e le bosiu; leha re le makgulong a nonneng, re tshwana le bafu.

11. Re bokolla bohle jwaloka dibere, re lla jwaloka maebakgorwana; re lebeletse ho loka, mme ha ho hlahe; re lebeletse le poloko, mme e a re balehela.

12. Hobane ditlolo tsa rona di atile pela hao, dibe tsa rona di a re qosa, etswe re ikutlwa ditlolo tsa rona, mme re tseba dibe tsa rona;

13. e leng ho kweneha le ho latola Jehova, le ho furalla Modimo wa rona; ho bolela dipolelo tsa ho tsohela ba bang matla le tsa bohata; ho emola le ho tswala dipolelo tsa leshano dipelong tsa rona.

14. Tokiso e suthise ditswe morao ke hona, ho loka ho eme hole le rona, hobane nnete e wele lepatlelong la motse, mme ho loka ho sitwa ho kena.

15. Nnete e a hlokahala, e mong le e mong ya tshabang bobe o a tlatlapuwa.Jehova o bone hoo, mme e bile ntho e mpe mahlong a hae, hobane ho loka ho hlokahetse.

16. O bona hobane ha ho eo e leng motho, o makala hobane ha ho morapelli; ka baka leo, o tshepile letsoho la hae, o itshematlela ka ho loka ha hae.

17. O apere dihlomo tsa hae; ho loka ke tshireletso ya sefuba sa hae; hloohong o rwetse heleme ya poloko; phetetso yona ke seaparo sa hae; poulelo yona ke kobo eo a ipopileng ka yona.