BIBELE e Halalelang

Esaia 59:11-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Re bokolla bohle jwaloka dibere, re lla jwaloka maebakgorwana; re lebeletse ho loka, mme ha ho hlahe; re lebeletse le poloko, mme e a re balehela.

12. Hobane ditlolo tsa rona di atile pela hao, dibe tsa rona di a re qosa, etswe re ikutlwa ditlolo tsa rona, mme re tseba dibe tsa rona;

13. e leng ho kweneha le ho latola Jehova, le ho furalla Modimo wa rona; ho bolela dipolelo tsa ho tsohela ba bang matla le tsa bohata; ho emola le ho tswala dipolelo tsa leshano dipelong tsa rona.

14. Tokiso e suthise ditswe morao ke hona, ho loka ho eme hole le rona, hobane nnete e wele lepatlelong la motse, mme ho loka ho sitwa ho kena.

15. Nnete e a hlokahala, e mong le e mong ya tshabang bobe o a tlatlapuwa.Jehova o bone hoo, mme e bile ntho e mpe mahlong a hae, hobane ho loka ho hlokahetse.

16. O bona hobane ha ho eo e leng motho, o makala hobane ha ho morapelli; ka baka leo, o tshepile letsoho la hae, o itshematlela ka ho loka ha hae.

17. O apere dihlomo tsa hae; ho loka ke tshireletso ya sefuba sa hae; hloohong o rwetse heleme ya poloko; phetetso yona ke seaparo sa hae; poulelo yona ke kobo eo a ipopileng ka yona.

18. Ketso ya hore hoitseng o tla e busetsa ho motho ka hore hoitseng: kgalefo ho ba mo lwantshitseng, le kotlo ho dira tsa hae; a busetse le ho dihlekehleke diketso tsa tsona.

19. Ke moo ba tlang ho tshaba lebitso la Jehova bophirimela, le kganya ya hae botjhabela; etlare ha dira di etla jwaloka noka, moya wa Jehova o tla di qhalanya.

20. Molopolli o tla tla Sione, a tle le ho ba Jakobo ba tlang ho baka dibeng tsa bona: Ho bolela Jehova.

21. Haele nna, ke sona selekane seo ke se etsang le bona, ho bolela Jehova: Moya wa ka o dutseng ho wena, le ditaba tsa ka tseo ke di beileng molomong wa hao, ha di sa tla tloha molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya bana ba bana ba hao, ho bolela Jehova jwale le ka ho sa feleng.