BIBELE e Halalelang

Esaia 59:11-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Re bokolla bohle jwaloka dibere, re lla jwaloka maebakgorwana; re lebeletse ho loka, mme ha ho hlahe; re lebeletse le poloko, mme e a re balehela.

12. Hobane ditlolo tsa rona di atile pela hao, dibe tsa rona di a re qosa, etswe re ikutlwa ditlolo tsa rona, mme re tseba dibe tsa rona;

13. e leng ho kweneha le ho latola Jehova, le ho furalla Modimo wa rona; ho bolela dipolelo tsa ho tsohela ba bang matla le tsa bohata; ho emola le ho tswala dipolelo tsa leshano dipelong tsa rona.

14. Tokiso e suthise ditswe morao ke hona, ho loka ho eme hole le rona, hobane nnete e wele lepatlelong la motse, mme ho loka ho sitwa ho kena.

15. Nnete e a hlokahala, e mong le e mong ya tshabang bobe o a tlatlapuwa.Jehova o bone hoo, mme e bile ntho e mpe mahlong a hae, hobane ho loka ho hlokahetse.

16. O bona hobane ha ho eo e leng motho, o makala hobane ha ho morapelli; ka baka leo, o tshepile letsoho la hae, o itshematlela ka ho loka ha hae.

17. O apere dihlomo tsa hae; ho loka ke tshireletso ya sefuba sa hae; hloohong o rwetse heleme ya poloko; phetetso yona ke seaparo sa hae; poulelo yona ke kobo eo a ipopileng ka yona.

18. Ketso ya hore hoitseng o tla e busetsa ho motho ka hore hoitseng: kgalefo ho ba mo lwantshitseng, le kotlo ho dira tsa hae; a busetse le ho dihlekehleke diketso tsa tsona.

19. Ke moo ba tlang ho tshaba lebitso la Jehova bophirimela, le kganya ya hae botjhabela; etlare ha dira di etla jwaloka noka, moya wa Jehova o tla di qhalanya.

20. Molopolli o tla tla Sione, a tle le ho ba Jakobo ba tlang ho baka dibeng tsa bona: Ho bolela Jehova.