BIBELE e Halalelang

Esaia 59:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bonang, letsoho la Jehova ha le lekgutshwanyane hore le sitwe ho pholosa, le ditsebe tsa hae ha di a thibana, hore a sitwe ho utlwa;

2. empa ke ditlolo tsa lona tse entseng lerako le le arohantseng le Modimo wa lona, ke ka baka la dibe tsa lona sefahleho sa wona se siretseng ho lona, o be o sitwe ho le utlwa.

3. Hobane matsoho a lona a kganathetse madi, menwana ya lona e ditshila ke bokgopo; melomo ya lona e bolela mashano, maleme a lona a bolela tsa bolotsana.

4. Ha ho ya pakang ho loka, ha ho ya emelang nnete; ho tshepuwa lefeela, ho bolelwa leshano; ba emola bolotsana, mme ba tswala bokgopo.

5. Ba alama mahe a marabe, ba loha bolepo ba sekgo; ya jang mahe a bona o tla shwa; ekareha le leng le pshatlwa, ho tswa marabe.

6. Bolepo ba bona bo ke ke ba etswa diaparo, ba ke ke ba ikapesa ka mesebetsi ya bona, hobane mesebetsi ya bona ke mesebetsi ya bolotsana; kgalefo le tshenyo di matsohong a bona.

7. Maoto a bona a mathela bobeng, ba potlakela ho tsholla madi a se nang molato; mehopolo ya bona ke mehopolo ya bolotsana; tshenyo le timetso di ditseleng tsa bona.

8. Ha ba tsebe tsela ya kgotso, ho loka ha ho yo mekgweng ya bona; ba iketseditse ditsela tse kgopo; e mong le e mong ya tsamayang ho tsona ha a tsebe kgotso.

9. Ke ka baka leo tokiso e leng hole le rona, mme ho loka ho sa fihle ho rona; re lebeletse lesedi, mme bonang, ke lefifi; re lebeletse kganya, mme re tsamaya botshong.

10. Re sika le lerako ka ho phopholetsa jwaloka difofu, re phopholetsa jwaloka hola re se na mahlo; re kgoptjwa motshehare jwaloka hoja e le bosiu; leha re le makgulong a nonneng, re tshwana le bafu.

11. Re bokolla bohle jwaloka dibere, re lla jwaloka maebakgorwana; re lebeletse ho loka, mme ha ho hlahe; re lebeletse le poloko, mme e a re balehela.

12. Hobane ditlolo tsa rona di atile pela hao, dibe tsa rona di a re qosa, etswe re ikutlwa ditlolo tsa rona, mme re tseba dibe tsa rona;

13. e leng ho kweneha le ho latola Jehova, le ho furalla Modimo wa rona; ho bolela dipolelo tsa ho tsohela ba bang matla le tsa bohata; ho emola le ho tswala dipolelo tsa leshano dipelong tsa rona.