BIBELE e Halalelang

Esaia 58:6-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ho itima dijo hoo ke ho ratang, na hase hore o tlamolle mahlaahlela a bolotsana, o kgaole marapo a joko, o lokolle ba etseditsweng boima, o robe dijoko kaofela na?

7. Na hase hore o abele ya lapileng bohobe ba hao, o amohele mofutsana ya twailang tlung ha hao na? Leha o bona motho ya hlobotseng, o mo apese, o se ke wa ipata pela ngwaneno.

8. Ke moo lesedi la hao le tla tjhaba jwaloka mafube a meso, ho pholoha ha hao ho phakise ho hlomela; ho loka ha hao ho tla o etella pele, kganya ya Jehova e o sale morao.

9. Ke moo o tlang ho bitsa, mme Jehova o tla araba; o tla howeletsa ho yena, mme o tla re: Ke nna enwa. Ha o fela o lesa ho jarisa motho boima, ho supa ka monwana, le ho etselletsa;

10. ha o hauhela ya lapileng, o kgorisa moya o fumanehileng, ke moo lesedi la hao le tla tjhabela lefifing, mme lefifi la hao le phatsime jwaloka letsatsi la motshehare.

11. Jehova o tla o tsamaisa kamehla; o tla kgodisa moya wa hao mohla manyora, a nontshe masapo a hao; o tla ba jwaloka serapa se nosetswang, le jwaloka sediba seo metsi a sona a sa psheng.

12. Ditloholo tsa hao di tla tsosa masupi a boholoholo; o tla tsosa metheo ya kgale, mme o tla rewa motsosi wa dikgeo, le molokisi wa diterata tse ka ahuwang.

13. Ha o ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya Sabatha, wa tela mosebetsi wa hao ka letsatsi la ka le kgethehileng; ha o ka bitsa Sabatha letsatsi la thabo, letsatsi le kgethehileng la Jehova wa le bitsa kgahliso ya hao, wa le hlompha ka ho lesa ho ya ka ditsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi wa hao, le ka ho se bue ditaba tsa lefeela;

14. ke moo o tla ithabela ho Jehova, mme ke tla o haodisa diphahameng tsa naha jwaloka ha eka o kaletse pere; o tla ja lefa la Jakobo, ntatao moholo, hobane molomo wa Jehova o boletse jwalo.