BIBELE e Halalelang

Esaia 57:10-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. O kile wa kgathala ke ho tsamaya haholoholo, mme ha o a ka wa re: Ke ikgathaletsa lefeela! O ntse o fumana matla letsohong la hao, ke ka baka leo o sa kang wa tepella.

11. Na o tshabile mang, wa tshoha mang, ha o ikentse lehata, o sa ka wa nkgopola, o sa ka wa ntlhokomela na? Na ke hobane e le kgale ke kgutsitse, ha o sa ka wa ntshaba na?

12. Ke tla hlahisa ho loka ha hao leseding, mesebetsi ya hao o ke ke wa rua letho ka yona.

13. Etlare ha o howa, na dihlopha tsa medimo ya hao di tla o namolela na? Athe moya o tla e nkela koo kaofela ha yona, e tloswe hang. Empa ya itshepetseng nna o tla ja lefa la lefatshe, a rue thaba ya ka e halalelang.

14. Ho tla thwe: Batalatsang, batalatsang, le lokise tsela, le tlose dikgopiso tsohle tseleng ya setjhaba sa ka!

15. Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.

16. Hobane nke ke ka tseka ka ho sa feleng, le ho halefa ka ho sa yeng kae, hobane pelo ya motho e ne e ka timela pela ka, le yona meya eo ke e entseng.

17. Ke na be ke halefile ka baka la sebe sa meharo ya hae, ka mo otla; ka ipata kgalefong ya ka; a nna a ikgantsha, a ntse a eya ka tsela ya pelo ya hae.

18. Ke bone mekgwa ya hae; leha ho le jwalo, ke tla mo fodisa; ke tla mo disa, ke busetse matshediso ho yena le ho ba hlomohileng le yena.

19. Jehova ya hlahisang teboho melomong ya motho, o re: Kgotso, kgotso ho ya leng hole, le ho ya leng haufi; hobane ke tla mo fodisa.

20. Empa ba bolotsana ba jwaloka lewatle le fuduilweng, le sitwang ho kgutsa, leo metsi a lona a ntshang diretse le ditshila.

21. Ha ho kgotso e boloketsweng ba bolotsana: ho bolela Modimo wa ka!