BIBELE e Halalelang

Esaia 57:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Motho ya lokileng o a timela, mme ha ho ya lemohang teng; batho ba molemo ba tloswa, mme ha ho ya lemohang hobane ya lokileng o tloswa, bobe bo eso ho hlahe.

2. O tla kena kgotsong; ba phomola ditaong tsa bona, e leng bohle ba tsamaileng ka tsela ya bona e lokileng.

3. Empa lona bana ba moloi, leloko la bofebe le la bootswa, tloong kwano!

4. Na le somile mang? Le ahlamisitse melomo ya lona ho seba mang? Le tjhadileditse mang maleme? Hleka ha le bana ba ikgantshang, leloko la leshano na,

5. lona ba tjhesehelang ditshwantsho katlasa sefate se seng le se seng se mahlaku, ba etsang mahlabelo ka bana dikgohlong le mafarung a mafika?

6. Majwana a melatswana ke kabelo ya hao, ke wona lefa la hao; o a tshela ka ditshelo tsa veine, o a beela dinyehelo. Na nka kgodiswa ke taba tse jwalo na?

7. O adile diphate tsa hao hodima thaba e phahamileng, e bonahalang, le teng o nyolohetse ho ya etsa mahlabelo.

8. Kamora monyako le difate tsa wona o beile kgopotso ya hao; kahobane o thobile ho nna, o ineetse e mong, o kene wa atolosa ditao, mme o entse selekane le bona; o rata ditao tsa bona, o ikgethetse malao teng.

9. Wa ya itlhahisa ho morena wa teng ka ole, o nkile tse nkgang hamonate; o romile manqosa a hao holehole, wa itebisa ho ya fihla nqalong ya bafu.

10. O kile wa kgathala ke ho tsamaya haholoholo, mme ha o a ka wa re: Ke ikgathaletsa lefeela! O ntse o fumana matla letsohong la hao, ke ka baka leo o sa kang wa tepella.

11. Na o tshabile mang, wa tshoha mang, ha o ikentse lehata, o sa ka wa nkgopola, o sa ka wa ntlhokomela na? Na ke hobane e le kgale ke kgutsitse, ha o sa ka wa ntshaba na?

12. Ke tla hlahisa ho loka ha hao leseding, mesebetsi ya hao o ke ke wa rua letho ka yona.