BIBELE e Halalelang

Esaia 56:7-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo; ditjheso tsa bona le mahlabelo a bona di tla amohelwa hantle aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ho ditjhaba kaofela.

8. Morena Jehova, ya bokellang ba tebetsweng ba Iseraele, o re: Ke sa tla bokellela ba bang ho yena, le ho bao e leng ba hae, bao ke seng ke ba bokeletse.

9. Lona, dibatana tsohle tsa naha, tloong, le je; le lona dibatana tsohle tsa meru!

10. Dibohodi tsa hae ke difofu kaofela; ha di lemohe letho, ke dintja tse dimumu, tse sitwang ho bohola: di lora di bothile, di rata boroko.

11. Dintja tseo di meharo, ha di kgore; ke badisa ba se nang kelello, e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, o latela tseo e leng tsa hae, ho qala ka wa pele ho isa ho wa ho qetella.

12. Ba re: Tloong, ke tla batla veine, mme a tla tahwa ke jwala; jwalokaha ho bile kajeno, ho tla ba jwalo le hosasane, e, haholo ka ho fetisisa.