BIBELE e Halalelang

Esaia 54:5-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Hobane Mmopi wa hao ke monna wa hao, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; mme Molopolli wa hao ke Mohalaledi wa Iseraele; o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.

6. Hobane Jehova o o lata jwalokaha ho latwa mosadi ya furaletsweng, ya hlomohileng pelo, kapa jwaloka mosadi ya nyetsweng botjheng ba hae, mme a hladilwe; ho rialo Modimo wa hao.

7. Ke na be ke o furaletse ka motsotso o se o kae, empa ke tla o bokella ka mehauhelo e fetisisang.

8. Ke na be ke o patetse sefahleho sa ka ka motsotso mehleng ya kgalefo, empa ke tla o hauhela ka mohau o sa feleng, ho bolela Jehova, Molopolli wa hao.

9. Taba eo e dutse ho nna e tshwana le ya metsi mohla Nowe, kamoo ke neng ke hlapantse kateng, hore metsi a Nowe a ke ke a boela a kwahela lefatshe; ke bile ke hlapanya hore ha ke sa tla hlola ke o halefela, leha e le ho o kgalemela.

10. Dithaba di ka sutha, maralla a sisinyeha, empa mohau wa ka o ke ke wa tloha ho wena, mme selekane sa ka sa kgotso se ke ke sa sisinyeha: ho bolela Jehova ya o hauhetseng.

11. Wena ya madimabe, ya otlilweng ke difefo, ya sa tshedisweng ke motho, bona, ke tla kgabisa majwe a hao ka sebilo, ke o thee hodima safire.

12. Ke tla haha ditora tsa hao ka rubise, le menyako ya hao ka agate, le marako a hao kaofela ka mahakwe a bohlokwa.

13. Bana ba hao bohle ba tla rutwa ke Morena; kgotso ya bana ba hao e tla ba kgolo.

14. O tla tiiswa ke ho loka. Leleka dipelaelo, hobane ha ho letho leo o ka le tshabang; leha e le tshoho, hobane e ke ke ya atamela ho wena.

15. Leha ho ka rerwa bobe bakeng sa hao, e ke ke ya eba ka nna; e mong le e mong ya tlang ho rera bobe bakeng sa hao, o tla dihuwa ke wena.