BIBELE e Halalelang

Esaia 54:12-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ke tla haha ditora tsa hao ka rubise, le menyako ya hao ka agate, le marako a hao kaofela ka mahakwe a bohlokwa.

13. Bana ba hao bohle ba tla rutwa ke Morena; kgotso ya bana ba hao e tla ba kgolo.

14. O tla tiiswa ke ho loka. Leleka dipelaelo, hobane ha ho letho leo o ka le tshabang; leha e le tshoho, hobane e ke ke ya atamela ho wena.

15. Leha ho ka rerwa bobe bakeng sa hao, e ke ke ya eba ka nna; e mong le e mong ya tlang ho rera bobe bakeng sa hao, o tla dihuwa ke wena.

16. Bona, ke nna ke bopileng lelala le futhang mashala nekong, le teang lerumo kamoo le hopotseng kateng, mme esale nna ke bopileng mosenyi ho senya.

17. Lerumo le leng le le leng le teetsweng ho o lwantsha, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho o tsohela matla ho o tsekisa, o tla le tswa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tswang ho nna, ho bolela Jehova.