BIBELE e Halalelang

Esaia 54:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Thaba, wena nyopa, o sa kang wa tswala; o dumise ditlatsi le dipina tsa thabo, wena o sa kang wa tseba bohloko ba ho beleha, hobane bana ba ya furaletsweng ba bangata ho feta bana ba ya nyetsweng, ho bolela Jehova.

2. O atolose setsha sa tente ya hao, o menolle masela a boaho ba hao, o se ke wa hana, o lelefatse dithapo tsa hao, o tiise dithakgisa tsa hao.

3. Hobane o tla namela ka ho le letona le ka ho le letshehadi, ditloholo tsa hao, di tla rua ditjhaba, di tsose metse e masupi.

4. O se ke wa tshaba, hobane o ke ke wa hlajwa ke dihlong; o se ke wa swaba, hobane o ke ke wa tsielwa ke letho, empa o tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, o ke ke wa hlola o hopola maswabi a bohlolohadi ba hao.

5. Hobane Mmopi wa hao ke monna wa hao, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; mme Molopolli wa hao ke Mohalaledi wa Iseraele; o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.

6. Hobane Jehova o o lata jwalokaha ho latwa mosadi ya furaletsweng, ya hlomohileng pelo, kapa jwaloka mosadi ya nyetsweng botjheng ba hae, mme a hladilwe; ho rialo Modimo wa hao.

7. Ke na be ke o furaletse ka motsotso o se o kae, empa ke tla o bokella ka mehauhelo e fetisisang.

8. Ke na be ke o patetse sefahleho sa ka ka motsotso mehleng ya kgalefo, empa ke tla o hauhela ka mohau o sa feleng, ho bolela Jehova, Molopolli wa hao.

9. Taba eo e dutse ho nna e tshwana le ya metsi mohla Nowe, kamoo ke neng ke hlapantse kateng, hore metsi a Nowe a ke ke a boela a kwahela lefatshe; ke bile ke hlapanya hore ha ke sa tla hlola ke o halefela, leha e le ho o kgalemela.