BIBELE e Halalelang

Esaia 52:8-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Utlwa dibohodi tsa hao! Di phahamisa lentswe, di etsa mohoo wa nyakallo hammoho, hobane di bona ka mahlo kamoo Jehova a kgutlelang Sione kateng.

9. Dumisang ditlatse hammoho le nyakallo, lona masupi a Jerusalema, hobane Jehova o hauhetse setjhaba sa hae, o lopolotse Jerusalema.

10. Jehova o bonahaditse letsoho la hae le halalelang mahlong a ditjhaba kaofela, mme dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla boha poloko ya Modimo wa rona.

11. Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama ditshila, tswang hara bona! Itlhatsweng, lona ba jarang dipitsa tsa Jehova!

12. Hobane le ke ke la tloha ka potlako, le ke ke la tsamaya jwaloka hoja le baleha, hobane Jehova o tla le etella pele, Modimo wa Iseraele o le sireletse kamorao.

13. Bonang, mohlanka wa ka o tla atleha; o tla hola, a phahame, a be moholo haholo.

14. Jwalokaha batho ba bangata ba ne ba makala ha ba mmona, kamoo sefahleho sa hae se neng se senyehile kateng ho fetisa tsa bohle, le tshobotsi ya hae e neng e fifetse ho fetisa ya bara ba batho;

15. ka mokgwa oo, o tla makatsa ditjhaba tse ngata; marena a tla hloka puo pela hae, hobane a tla bona seo a neng a eso ho se bolellwe, a utlwe seo a neng a eso ho se utlwe.