BIBELE e Halalelang

Esaia 51:5-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ho loka ha ka ho haufi, poloko ya ka e se e ya hlaha, mme matsoho a ka a tla ahlola ditjhaba; dihlekehleke di tla ntshepa, di tla nne di tshepe letsoho la ka.

6. Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela.

7. Mmameleng, lona ba tsebang ho loka, lona batho ba nang le molao wa ka dipelong tsa lona; le se ke la tshaba nyatso ya batho, le se ke la tshoha ditshomo tsa bona.

8. Hobane ba tla jewa ke tshwele jwaloka seaparo, seboko se ba qete jwaloka boya; empa ho loka ha ka ho tla nne ho be teng ka ho sa feleng, le poloko ya ka kamehla le mehla.

9. Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?

10. Na hase wena ya pshesitseng lewatle, metsi a bodiba bo boholo, ya entseng dikoti tse tlase tsa lewatle tsela, hore balopollwa ba tle ba fete ka yona na?

11. Balopollwa ba Jehova ba tla kgutla, ba tla Sione ka dipina tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng diphatleng, ba fihletse nyakallo le thabo, ho balehile bohloko le masisapelo.

12. Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?

13. Ho ya kang, ha o ka lebala Jehova, Mmopi wa hao, ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe? Ke ka baka lang ha o tshohile kamehla ka ditshiu tsohle ka kgalefo ya mohlorisi ha a itokisa ho lwana? E kae jwale, kgalefo ya mohlorisi?

14. Ya kokobeditsweng ditlamong o tla phakisa a lokollwe; a ke ke a shwela sekoting, a ke ke a hloka bohobe ba hae.

15. Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya fuduang lewatle, maqhubu a lona a be a dume: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.

16. Ke beile mantswe a ka molomong wa hao, ke o apesitse ka moriti wa letsoho la ka, ke tle ke ale mahodimo a matjha ke thee lefatshe le letjha, mme ke re ho Sione: O setjhaba sa ka!

17. Tsoha, tsoha, o eme, wena Jerusalema, ya nweleng mohope wa kgalefo ya Jehova letsohong la hae; o nwele, o momonne ditshifa tsa senwelo se tahisang!

18. Hara bara bao kaofela ba tswetsweng ke yena, ha ho le a mong ya mo tsamaisang; le ho bana ba hodisitsweng ke yena, ha ho ya mo tshwereng ka letsoho.

19. O hlahetswe ke kotsi tse pedi; o tla tshediswa ke mang? Tshenyeho le lesupi, tlala le lerumo: ke tla o tshedisa jwang?