BIBELE e Halalelang

Esaia 51:10-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Na hase wena ya pshesitseng lewatle, metsi a bodiba bo boholo, ya entseng dikoti tse tlase tsa lewatle tsela, hore balopollwa ba tle ba fete ka yona na?

11. Balopollwa ba Jehova ba tla kgutla, ba tla Sione ka dipina tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng diphatleng, ba fihletse nyakallo le thabo, ho balehile bohloko le masisapelo.

12. Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?

13. Ho ya kang, ha o ka lebala Jehova, Mmopi wa hao, ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe? Ke ka baka lang ha o tshohile kamehla ka ditshiu tsohle ka kgalefo ya mohlorisi ha a itokisa ho lwana? E kae jwale, kgalefo ya mohlorisi?

14. Ya kokobeditsweng ditlamong o tla phakisa a lokollwe; a ke ke a shwela sekoting, a ke ke a hloka bohobe ba hae.

15. Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya fuduang lewatle, maqhubu a lona a be a dume: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.

16. Ke beile mantswe a ka molomong wa hao, ke o apesitse ka moriti wa letsoho la ka, ke tle ke ale mahodimo a matjha ke thee lefatshe le letjha, mme ke re ho Sione: O setjhaba sa ka!

17. Tsoha, tsoha, o eme, wena Jerusalema, ya nweleng mohope wa kgalefo ya Jehova letsohong la hae; o nwele, o momonne ditshifa tsa senwelo se tahisang!

18. Hara bara bao kaofela ba tswetsweng ke yena, ha ho le a mong ya mo tsamaisang; le ho bana ba hodisitsweng ke yena, ha ho ya mo tshwereng ka letsoho.

19. O hlahetswe ke kotsi tse pedi; o tla tshediswa ke mang? Tshenyeho le lesupi, tlala le lerumo: ke tla o tshedisa jwang?

20. Bara ba hao ba shwele sethwathwa, ba botha dikoung tsohle tsa diterata jwaloka kgama e itshwasitseng moqetjheng; ba tletse kgalefo ya Jehova le dikgalemelo tsa Modimo wa hao.

21. Jwale, mamela hle, wena mofutsana ya tahilweng, empa e seng ke veine:

22. Ho itswe ke Jehova, Morena wa hao le Modimo wa hao, ya pheteletsang tjhaba sa hae: Bona, ke tlosa mohope o tahisang letsohong la hao, mohope wa kgalefo ya ka; jwale, ha o sa tla hlola o nwela ho wona.

23. Empa ke o beile letsohong la ba o hlorisitseng, ba neng ba re ho wena: O inamele fatshe, re tle re tsamaye hodima hao! Mme wa bea mokokotlo wa hao jwaloka eka ke mobu, le jwaloka eka ke tsela ya bafeti.