BIBELE e Halalelang

Esaia 51:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mmameleng, lona ba latelang ho loka, ba batlang Jehova; lebisang mahlo lefikeng leo le kgephotsweng ho lona, le thabeng eo le tjhekilweng ho yona.

2. Lebisang mahlo ho Abrahama ntata lona, le ho Sara ya le tswetseng; hobane ke mmitsitse ha a le nnotshi, ka mo hlohonolofatsa, ka mo atisa.

3. Ka mokgwa o jwalo, Jehova o utlwetse Sione bohloko, o utlwetse nqalo tsohle tsa hae tse senyehileng bohloko; o fetotse nahathothe ya hae ya eba jwaloka Edene, le naha ya hae e omeletseng o e entse serapa sa Jehova. Thabo le nyakallo di fumanwa teng, ka difela le dipina.

4. Mmamele hantle, setjhaba sa ka, o sekehe tsebe, wena phutheho ya ka! Hobane molao o tla tswa ho nna, mme ke tla bea molao wa ka, e be lesedi la ditjhaba.

5. Ho loka ha ka ho haufi, poloko ya ka e se e ya hlaha, mme matsoho a ka a tla ahlola ditjhaba; dihlekehleke di tla ntshepa, di tla nne di tshepe letsoho la ka.

6. Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela.

7. Mmameleng, lona ba tsebang ho loka, lona batho ba nang le molao wa ka dipelong tsa lona; le se ke la tshaba nyatso ya batho, le se ke la tshoha ditshomo tsa bona.

8. Hobane ba tla jewa ke tshwele jwaloka seaparo, seboko se ba qete jwaloka boya; empa ho loka ha ka ho tla nne ho be teng ka ho sa feleng, le poloko ya ka kamehla le mehla.

9. Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?

10. Na hase wena ya pshesitseng lewatle, metsi a bodiba bo boholo, ya entseng dikoti tse tlase tsa lewatle tsela, hore balopollwa ba tle ba fete ka yona na?

11. Balopollwa ba Jehova ba tla kgutla, ba tla Sione ka dipina tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng diphatleng, ba fihletse nyakallo le thabo, ho balehile bohloko le masisapelo.

12. Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?

13. Ho ya kang, ha o ka lebala Jehova, Mmopi wa hao, ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe? Ke ka baka lang ha o tshohile kamehla ka ditshiu tsohle ka kgalefo ya mohlorisi ha a itokisa ho lwana? E kae jwale, kgalefo ya mohlorisi?

14. Ya kokobeditsweng ditlamong o tla phakisa a lokollwe; a ke ke a shwela sekoting, a ke ke a hloka bohobe ba hae.

15. Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya fuduang lewatle, maqhubu a lona a be a dume: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.