BIBELE e Halalelang

Esaia 50:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ho thwe ke Jehova: Lengolo la mma lona la hlalo le kae leo ke mo kgutlisitseng ka lona? Kapa ke rekile ka lona ho mang wa bao ke namileng ho bona na? Bonang, ho rekilwe ka lona ka baka la dibe tsa lona, mma lona o hladilwe ka baka la ditlolo tsa lona.

2. Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.

3. Ke apesa mahodimo ka botsho, ke a kwahela ka lesela la bofifi.

4. Morena Jehova o nneile leleme la ba rutehileng, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ya kgathetseng ka lentswe la ka. Ke yena ya ntsosang kameso yohle, ya bulang ditsebe tsa ka, ke tle ke tsebe ho mamela ka mokgwa wa ba rutwang.

5. Morena Jehova o nthibolotse ditsebe, mme ha ke a ka ka hana, leha e le ho sutha kasanthao.

6. Ke neile ba nkotlang mokokotlo wa ka, le ba hlothang ditedu ke ba neile marama a ka, ha ke a ka ka patela sefahleho sa ka dihlong le mathe.

7. Empa Morena Jehova ke thuso ya ka; ka baka leo, ke mameletse dihlong; ka baka leo, sefahleho sa ka ke se entse jwaloka lehakwe, mme ke tsebile hore nke ke ka tsieleha.