BIBELE e Halalelang

Esaia 5:14-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ka baka leo, nqalo ya bafu e ikgabolotse, molomo wa yona o ahlamile ka ho fetisisa; bokgabane ba Jerusalema bo tla theohela teng, le setjhaba sa hae, le menyaka ya hae, le ba ithabelang teng.

15. Bao e leng batho feela ba tla kokobetswa, ba baholo ba nyenyefatswe, mahlo a baikgantshi a kobotetswe.

16. Mme Jehova wa makgotla o tla ikgodisa ka dikahlolo, Modimo o halalelang o ikgalaletse ka ho loka.

17. Dikonyana di tla fula teng, jwaloka eka ke makgulong a tsona, masimo a tlohetsweng a barui a tla jewa ke baditjhaba.

18. Ho madimabe ba ikgulelang bokgopo ka mehala ya leshano, le dibe ka teu e kang ya koloi!

19. Ba reng: Ha a phakise, a akofise mosebetsi wa hae, re tle re o bone; morero wa Mohalaledi wa Iseraele o atamele, o hlahe, re tle re o leke.

20. Ho madimabe ba bitsang bobe botle, le botle ba bo bitsa bobe; ba etsang lefifi lesedi, le lesedi ba le etsa lefifi; ba etsang ho baba monate, le monate ba o etsa ho baba!

21. Ho madimabe ba ipeileng bohlale mahlong a bona, ba itshepetseng kelello ya bona!

22. Ho madimabe ba matla ho nwa veine, ba dinatla ho lomosa jwala;

23. ba lokollang motho ya molato ka baka la moputso, ba amohang ya lokileng ho loka ha hae!

24. Ka baka leo, jwaloka malakabe a mollo ha a eja ditlhaka, le kgabo ha e tjhesa hlaha, motso wa bona o tla bola, o fele jwalo, le palesa ya bona e tla foforeha jwaloka lerole, hobane ba nyatsitse molao wa Jehova wa makgotla, ba nyedisitse lentswe la Mohalaledi wa Iseraele.

25. Ka baka leo, kgalefo ya Jehova e tuketse setjhaba sa hae, mme o otlolletse letsoho la hae hodima sona, o se otlile; dithaba di a sisinyeha; ditopo tsa bona di ba jwaloka dithole tsa mmila. Leha ho le jwalo, ha a kgutla kgalefong ya hae, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.