BIBELE e Halalelang

Esaia 5:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke tla binela moratuwa wa ka sefela sa moratuwa wa ka, bakeng sa tshimo ya hae ya merara. Moratuwa wa ka o ne a na le tshimo ya merara leralleng le nonneng.

2. A e lema, a tlosa majwe ho yona, a hloma merara e kgethilweng, a haha tora hara yona, a epela sehatelo teng; a tshepa hore e tla bea ditholwana tse monate, empa e beile tse babang.

3. Mme jwale, lona ba ahileng Jerusalema, le lona banna ba Juda, a le keng le ahlole taba eo ke nang le yona le tshimo ya ka ya merara.

4. Se ka beng se etseditswe tshimo ya ka ya merara, ke sefe kantle ho seo ke se entseng? Ha ke ne ke tshepile hoba e tla bea ditholwana tse monate, ke eng ha e beile tse babang na?

5. Jwale, a nke ke le tsebise seo ke tla se etsa ka tshimo ya ka ya merara hona jwale: ke tla tlosa motero wa yona ke e etse makgulo; ke tla heletsa lerako la yona, e hatakelwe;

6. ke tla e senya, e se hlole e hlaholwa, e lengwa, mme e mele dibajwa le meutlwa; mme ke tla laela maru hore a se hlole a nesetsa pula ho yona.

7. Ruri, tshimo ya merara ya Jehova wa makgotla ke ntlo ya Iseraele, banna ba Juda ke ditlama tseo a neng a kgahliswa ke tsona; o ne a lebeletse ho loka, empa a bona hloriso, a lebella kahlolo, empa a bona mohoo wa hloreho.

8. Ho madimabe ba rokahanyang ntlo le ntlo, ba eketsang tshimo ka tshimo, ho fihlela baka se fela, e tle e be lona le nnotshi benghadi ba naha!

9. Jehova wa makgotla o boletse tsebeng tsa ka, a re: Ruri, matlo ao a mangata a tla fetoha dithako, matlo ao a matle a maholo a hloke ba tla phela teng.

10. Ditema tse leshome tsa merara di tla bea bathe e le nngwe, homere ya hlanyelo e bee efa e le nngwe.

11. Ho madimabe ba tsohelang ho mathela jwaleng, ba sa bo tloheleng ho isa ka phirima, ho fihlela ba tahwa.

12. Harepa le lesiba, moropa le phala le veine, ke tsona mekete ya bona, empa ha ba ele mosebetsi wa Jehova hloko, ha ba bone morero wa matsoho a hae.

13. Ka baka leo, setjhaba sa ka se se se ya kgolehong se sa lemohe, baholo ba hlomphehang ba sona ba lapa, bongata ba sona bo omella ke lenyora.

14. Ka baka leo, nqalo ya bafu e ikgabolotse, molomo wa yona o ahlamile ka ho fetisisa; bokgabane ba Jerusalema bo tla theohela teng, le setjhaba sa hae, le menyaka ya hae, le ba ithabelang teng.