BIBELE e Halalelang

Esaia 49:9-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. o tle o re ho ba kgolehong: Tswang! le ho ba dutseng lefifing: Hlahang! Ba tla fumana dijo tseleng, le makgulo maralleng wohle.

10. Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.

11. Dithaba tsa ka ke tla di fetola mebila, mme ditsela tsa ka di tla hlekwa.

12. Bonang, ba tla ba etswa hole; bonang, ba bang ba tswa leboya le bophirimela, ba bang ba tswa naheng ya Sinime.

13. Nyakallang, lona mahodimo, le wena lefatshe, o thabe, le lona dithaba, dumang ka ditlatse, hobane Jehova o tshedisitse setjhaba sa hae, o hauhetse mafutsana a hae.

14. Sione o na be a itse: Jehova o ntlohetse, Morena o ntebetse.

15. Hleka mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang na? Na a ka lesa ho hauhela ngwana wa mala a hae na? Empa le hoja a ka mo lebala, nna, nke ke ka ba ka o lebala.

16. Bona, ke o ngodile diatleng tsa ka; marako a hao a pela ka kamehla.

17. Bara ba hao ba ya tla ka lebelo; ba o sentseng le ba o entseng lesupi ba tla baleha.

18. Thalatsa ka nqa tsohle, o tadime! Ba phutheha kaofela, mme ba tla ho wena. Jehova o re: Ka nna ke leng Modimo, ke re: Ruri o tla ikgabisa ka bona kaofela, o itlame ka bona, jwaloka monyaduwa ha a itlama ka mekgabo ya hae.

19. Haele dithako tsa hao, le naha ya hao e entsweng lesupi, le lefatshe la hao le senyehileng, le tla patisana ke bongata ba baahi; mme ba o jeleng ba tla fallela hole.