BIBELE e Halalelang

Esaia 49:10-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.

11. Dithaba tsa ka ke tla di fetola mebila, mme ditsela tsa ka di tla hlekwa.

12. Bonang, ba tla ba etswa hole; bonang, ba bang ba tswa leboya le bophirimela, ba bang ba tswa naheng ya Sinime.

13. Nyakallang, lona mahodimo, le wena lefatshe, o thabe, le lona dithaba, dumang ka ditlatse, hobane Jehova o tshedisitse setjhaba sa hae, o hauhetse mafutsana a hae.

14. Sione o na be a itse: Jehova o ntlohetse, Morena o ntebetse.

15. Hleka mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang na? Na a ka lesa ho hauhela ngwana wa mala a hae na? Empa le hoja a ka mo lebala, nna, nke ke ka ba ka o lebala.