BIBELE e Halalelang

Esaia 49:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mmameleng, lona dihlekehleke; le ele hloko, lona ditjhaba tse hole! Jehova o mpitsitse ke sa le popelong; ke sa le mpeng ya mme, o boletse lebitso la ka.

2. O neile molomo wa ka bohale ba lerumo, o nkentse moriting wa letsoho la hae, o nkentse motsu o ntjhotjho, o mpatile kgohlopong ya hae.

3. A re ho nna: O mohlanka wa ka, ke wena Iseraele eo ke tlang ho itlotlisa ka wena.

4. Empa ka re: Ke sebeleditse lefeela, ke qetile matla a ka feela, ke sa rue letho; empa tokelo ya ka e ntshwanelang e ho Jehova, le moputso wa ka o ho Modimo wa ka.

5. Mme jwale, ho bolela Jehova ya mpopileng popelong ya mme, ke tle ke be mohlanka wa hae, ke be ke kgutlisetse Jakobo ho yena, mme Iseraele a tle a phuthehele ho yena; hobane ke tla hlompshwa mahlong a Jehova, mme Modimo wa ka ke wona e leng matla a ka.

6. O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.

7. Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.

8. Ho itswe ke Jehova: Nakong ya mohau ke o utlwile; tsatsing la poloko ke o thusitse; ke tla o boloka, ke tla o bea selekane sa setjhaba sa ka, o tle o tsose naha, o ba arolele mafa a senyehileng;

9. o tle o re ho ba kgolehong: Tswang! le ho ba dutseng lefifing: Hlahang! Ba tla fumana dijo tseleng, le makgulo maralleng wohle.

10. Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.