BIBELE e Halalelang

Esaia 48:5-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. ke o boleletse ditaba tsena kgale, ka o tsebisa tsona di eso ho hlahe, o tle o se ke wa re: Modimo wa ka wa setshwantsho ke wona moetsi wa tsona, setshwantsho sa ka se betlilweng, kapa se tsholotsweng, ke sona se di laetseng.

6. O di utlwile; o di bone kaofela hle; na le ke ke la dumela hoba ho jwalo na? Jwale, ke o tsebisa ditaba tse ntjha, tse neng di patilwe, tseo o neng o sa di tsebe.

7. Di ya hlaha jwale, di ne di le siyo pele; ha o a ka wa di utlwa haese kajeno, o tle o se ke wa re: Ke ne ke di tseba.

8. Ha o a ka wa di utlwa le hanyenyane, ha o a ka wa di tseba, mme ditsebe tsa hao ha di a ka tsa bulelwa tsona pele, hobane ke tsebile hoba o lehata, le hoba o bitsitswe moikgantshi esale o etswa popelong ya mmao.

9. Ka baka la lebitso la ka, ke dieha ho hlahisa kgalefo ya ka; ka baka la kganya ya ka, ke itshwere bakeng sa hao, ke se ke ka o fedisa.

10. Bona, ke o hlwekisitse, empa ha ke a ka ka fumana silefera; ke o lekile seboping sa mahlomola.

11. Ka baka la ka, la ka ka sebele, ke tla etsa hoo, hobane lebitso la ka le ka nyefolwa jwang? Nke ke ka nea e mong kganya ya ka!

12. Mmamele, Jakobo, le wena Iseraele eo ke o bitsitseng! Ke nna ke leng wa pele, le wa morao esale nna.

13. Letsoho la ka ke lona le theileng lefatshe, mme le letona la ka le adile mahodimo; ke a bitsitse, a hla a hlaha hang.

14. Phuthehang kaofela, le mamele: Ke mang hara bona ya boletseng ditaba tsena na? Eo Jehova a mo ratang o tla phetha thato ya hae hodima Babilona, letsoho la hae le lwantshe Bakalde.