BIBELE e Halalelang

Esaia 47:5-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Dula, o kgutse, mme o kene lefifing, wena moradi wa Bakalde, hobane ha o sa tla hlola o bitswa mofumahadi wa mebuso.

6. Ke na be ke halefetse setjhaba sa ka, ke na be ke sentse lefa la ka, ke na be ke ba neetse matsohong a hao; empa ha o a ka wa ba hauhela le hanyenyane, wa bea joko e fetisang ka boima hodima leqheku.

7. O ne o re: E se e le nna mofumahadi ka ho sa yeng kae! Mme wa ya o se na kelello tabeng tsena, o sa hopole bofello ba tsona.

8. Jwale, mamela taba ena, wena ya phelang menateng, ya dutseng o sa tshohe letho, wena ya reng pelong ya hao: Ke nna, ha ho e mong, haese nna; nke ke ka ba mohlolohadi; nke ke ka tseba seo ho hloka bana ho leng sona!

9. Athe o tla hlahelwa ke ntho tsena tse pedi ka tsatsi le le leng: ho hloka bana le bohlolohadi; di tla o hlahela ka sebele sa tsona, leha o ka thiba ka bongata ba boloi ba hao le ka bongata bo fetisisang ba boupelli ba hao.

10. O itshepetse bolotsana ba hao; o ne o re: Ha ke bonwe ke motho. Bohlale le tsebo ya hao ke tsona tse o thetsitseng, mme o itse pelong ya hao: Ke nna, ha ho e mong haese nna.

11. Ka baka leo, tsietsi e tla o hlahela, eo o ke keng wa tseba ho e upa, bobe bo tla o wela hodimo, boo ho seng pheko eo o ka bo thibelang ka yona, le tshenyo eo o sa e tsebeng e tla tla hodima hao ka sehloho.

12. Tswela pele ka boupelli ba hao le ka bongata ba boloi ba hao, e leng dintho tseo o di sebeditseng esale botjheng ba hao; ekaba o tla fihlela thuso ho tsona, mohlomong o hlole ka tsona.

13. O ikgathaditse ka ho botsa dikeletso haholo; a ba ke ba eme, ba o pholose, bona ba tsebang lehodimo, ba lekolang dinaledi, ba o bolellang, ha kgwedi e roha, tseo o tla hlahelwa ke tsona.

14. Bona, ba jwaloka diriti, ba ya tjheswa ke mollo, ba ke ke ba tseba ho lopolla meya ya bona malakabeng; e ke ke ya eba mashala ao ho ikomoswang ka wona, leha e le mollo o orwang.

15. Ba tla ba jwalo kaofela bao o ikgathaditseng hakalo ho eletswa ke bona, bao o sebedisaneng le bona esale botjheng ba hao; ba tla ikela e mong le e mong ka tsela ya hae; ha ho motho ya tla o pholosa.