BIBELE e Halalelang

Esaia 47:3-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. O tla tsodiswa, dihlong tsa hao di bonahale; ke tla iphetetsa, mme nke ke ka qenehela motho.

4. Molopolli wa rona, lebitso la hae ke Jehova wa makgotla, Mohalaledi wa Iseraele.

5. Dula, o kgutse, mme o kene lefifing, wena moradi wa Bakalde, hobane ha o sa tla hlola o bitswa mofumahadi wa mebuso.

6. Ke na be ke halefetse setjhaba sa ka, ke na be ke sentse lefa la ka, ke na be ke ba neetse matsohong a hao; empa ha o a ka wa ba hauhela le hanyenyane, wa bea joko e fetisang ka boima hodima leqheku.

7. O ne o re: E se e le nna mofumahadi ka ho sa yeng kae! Mme wa ya o se na kelello tabeng tsena, o sa hopole bofello ba tsona.

8. Jwale, mamela taba ena, wena ya phelang menateng, ya dutseng o sa tshohe letho, wena ya reng pelong ya hao: Ke nna, ha ho e mong, haese nna; nke ke ka ba mohlolohadi; nke ke ka tseba seo ho hloka bana ho leng sona!

9. Athe o tla hlahelwa ke ntho tsena tse pedi ka tsatsi le le leng: ho hloka bana le bohlolohadi; di tla o hlahela ka sebele sa tsona, leha o ka thiba ka bongata ba boloi ba hao le ka bongata bo fetisisang ba boupelli ba hao.