BIBELE e Halalelang

Esaia 46:6-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ba ntsha kgauta mekotleng ya bona, ba lekanya silefera ka sekala, ba ipatlela setei, ba se putsa hore ka tseo se ba etsetse modimo, ba tle ba kgumame pela wona, ba o rapele.

7. Ba o emisa, ba o jara mahetleng a bona, ba o bea tulong sa wona; o eme o sa sisinyehe nqalong ya wona; ba howeletse ho wona, empa ha o arabe, ha o ba boloke matswalong a bona.

8. Hopolang taba tseo, le etse ka senna; lona baikgantshi, ikelellweng!

9. Hopolang diketso tsa pele tse etsahetseng kgale, hobane ke nna Modimo o matla, mme ha ho o mong; ke nna Modimo, mme ha ho ya jwaloka nna.

10. Ke nna, haesale ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le kgale ke boletse tse esong ho hlahe. Ke re: Morero wa ka o tla tiya, ke tla phetha thato ya ka kaofela.

11. Ke bitsa ntsu botjhabela, le lefatsheng le hole ke lata ya tlang ho phetha morero wa ka. Ke boletse, mme ke tla etsa; ke rerile, mme ke tla phetha.