BIBELE e Halalelang

Esaia 46:2-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ba dihilwe, ba rapaladitswe hammoho; ba sitwa ho boloka diphahlo tsa bona, hobane le bona ba ya kgolehong ka sebele sa bona.

3. Mmameleng, lona ntlo ya Jakobo, le lona masala wohle a ntlo ya Iseraele! Ke le pepile esale ho hlaheng ha lona, ka le jara esale ho tswalweng ha lona.

4. E sa le nna enwa ho isa boqhekung ba lona, mme ke tla nne ke le pepe ho isa le botsofading bo bosweu; ke entse jwalo, mme ke sa tla le pepa, ke le tiise, ke le boloke.

5. Le ka ntshwantsha le mang? Le ka ntekanya le mang, la mpapisa le mang, hore ke tshwane le yena?

6. Ba ntsha kgauta mekotleng ya bona, ba lekanya silefera ka sekala, ba ipatlela setei, ba se putsa hore ka tseo se ba etsetse modimo, ba tle ba kgumame pela wona, ba o rapele.

7. Ba o emisa, ba o jara mahetleng a bona, ba o bea tulong sa wona; o eme o sa sisinyehe nqalong ya wona; ba howeletse ho wona, empa ha o arabe, ha o ba boloke matswalong a bona.

8. Hopolang taba tseo, le etse ka senna; lona baikgantshi, ikelellweng!

9. Hopolang diketso tsa pele tse etsahetseng kgale, hobane ke nna Modimo o matla, mme ha ho o mong; ke nna Modimo, mme ha ho ya jwaloka nna.