BIBELE e Halalelang

Esaia 46:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bele o rapaladitswe, Nebo o dihilwe; ditshwantsho tsa bona di belesitswe ka dipelesa le ka diphoofolo, ditshwantsho tseo le neng le di jara di imela dipelesa tse kgathetseng ka boima ba tsona.

2. Ba dihilwe, ba rapaladitswe hammoho; ba sitwa ho boloka diphahlo tsa bona, hobane le bona ba ya kgolehong ka sebele sa bona.

3. Mmameleng, lona ntlo ya Jakobo, le lona masala wohle a ntlo ya Iseraele! Ke le pepile esale ho hlaheng ha lona, ka le jara esale ho tswalweng ha lona.

4. E sa le nna enwa ho isa boqhekung ba lona, mme ke tla nne ke le pepe ho isa le botsofading bo bosweu; ke entse jwalo, mme ke sa tla le pepa, ke le tiise, ke le boloke.