BIBELE e Halalelang

Esaia 45:7-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ke nna ke bopang lesedi, ke hlahisang lefifi, ke etsang kgotso, ke hlahisang tshenyo; ke nna Jehova ya etsang tseo kaofela.

8. Mahodimo a ke a rothise phoka, mme maru a nese ho loka! Lefatshe le itsibole, le tswale poloko le ho loka, di mele hammoho. Ke nna Jehova ya etsang dintho tseo.

9. Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?

10. Ho madimabe ya reng ho ntatae: Na o tswetse eng? le ho mmae: Na o belehile eng?

11. Ho itswe ke Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, Mmopi wa hae: Na ke tla botswa tse tlang ho tla? Na ke tla laelwa bakeng sa bana ba ka, le bakeng sa mosebetsi wa matsoho a ka na?

12. Ke nna ke entseng lefatshe, ke bopileng motho hodima lona; mahodimo a adilwe ke nna ka matsoho a ka, ka laola makgotla a wona kaofela.

13. Ke nna ke hlahisitseng Siruse ho lokeng ha ka, mme ke tla batalatsa ditsela tsa hae tsohle; o tla tsosa motse wa ka, a lokolle baholehuwa ba ka, e seng ka tefo, e seng ka dimpho; ho bolela Jehova wa makgotla.

14. Ho itswe ke Jehova: Ho tla tla ho wena maruo a Egepeta le tse hwebilweng tsa Ethiopia, le Basaba, banna ba ditopo di telele, mme e tla ba ba hao; ba tla o latela, ba tle ho wena ka mahlaahlela, ba kgumame pela hao, ba ithapelle ho wena, ba re: Efela Modimo o na le wena, o mong ha o yo; ha ho Modimo, haese wona.

15. Ruri, o Modimo o ipatang, wena Modimo wa Iseraele, wena Mmoloki!

16. Kaofela ha bona ba tla swaba, ba hlajwe ke dihlong; baetsi ba ditshwantsho ba tla ya hammoho, ba hlabiswe dihlong.

17. Iseraele o lopolotswe ke Jehova ka topollo ya kamehla yohle! Le ke ke la hlabiswa dihlong, leha e le ho swaba mehleng yohle.

18. Hobane Jehova, mmopi wa Mahodimo, Modimo o bopileng lefatshe, moetsi wa lona ya le tiisitseng, ya sa ka a le bopela lefeela, ya mpang a le bopetse hore le ahuwe, o bolela, o re: Ke nna Jehova, e mong ha a yo.