BIBELE e Halalelang

Esaia 45:18-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Hobane Jehova, mmopi wa Mahodimo, Modimo o bopileng lefatshe, moetsi wa lona ya le tiisitseng, ya sa ka a le bopela lefeela, ya mpang a le bopetse hore le ahuwe, o bolela, o re: Ke nna Jehova, e mong ha a yo.

19. Ha ke a ka ka bolela sephiring, leha e le nqalong e lefifi ya lefatshe, ha ke a ka ka re ho moloko wa Jakobo: Le mpatle feela. Nna, Jehova, ke bolela nnete, ke tsebisa se lokileng.

20. Phuthehang, mme le tle; atamelang hammoho kaofela, lona masala a ditjhaba. Ha ba na ditaba batho ba jarang mahong a ditshwantsho tsa bona, ba rapelang modimo o sa tsebeng ho boloka.

21. Bolelang tsa lona, le di tlise. Ba ke ba botsane hammoho! Na ke mang ya boletseng ditaba tseo esale mehleng ya kgale, ya di porofetileng kgale? Na hase nna Jehova? Ha ho Modimo, haese nna, Modimo o lokileng, o bolokang; ha ho o mong; ke nna feela.

22. Sokolohelang ho nna, mme le bolokehe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe. Hobane ke nna Modimo, o mong ha o yo.

23. Ke anne ka nna, taba e lokileng e tswile molomong wa ka, e ke ke ya kgutla, e re: Mangole wohle a tla nkgumamela, maleme wohle a ane ke nna.

24. Ho tla thwe: Ruri, ho loka le matla di tswa ho Jehova a nnotshi; bohle ba mo halefetseng ba tla tla ho yena, ba tle ba hlabiswe dihlong.

25. Moloko wa Iseraele kaofela o tla bewa o lokileng ke Jehova, o ithorise ho yena.