BIBELE e Halalelang

Esaia 45:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova o bolela ho motlotsuwa wa hae, ho Siruse, eo a mo tshwereng ka letsoho la hae le letona, ho hlola ditjhaba pela hae, ho tlamolla dinyepa tsa marena mathekeng a wona, le ho bula menyako pela hae, hore menyako e se ke ya kwalwa, o re:

2. Ke tla o etella pele ho latsa makukuno, ho pshatla menyako ya koporo, le ho roba mekwallo ya tshepe.

3. Ke tla o nea maruo a bolokilweng nqalong tse ntsho, le tse patilweng sephiring, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova, Modimo wa Iseraele, ya o bitsitseng ka lebitso la hao.

4. Ka baka la Jakobo, mohlanka wa ka, le la Iseraele, mokgethwa wa ka, ke o bitsitse ka lebitso la hao, ka o kgetha, o eso ho ntsebe.

5. Ke nna Jehova, mme ha ho e mong; ha ho Modimo, haese nna; ke o hlomedisitse, leha o ne o sa ntsebe;

6. hore batho ba tle ba tsebe, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, hoba ha ho Modimo o mong, haese nna; ke nna Jehova, ha ho e mong.

7. Ke nna ke bopang lesedi, ke hlahisang lefifi, ke etsang kgotso, ke hlahisang tshenyo; ke nna Jehova ya etsang tseo kaofela.