BIBELE e Halalelang

Esaia 43:9-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ditjhaba kaofela di ke di bokellwe hammoho, batho kaofela ba phuthehe! Ke mang hara bona ya ka bolelang ditaba tsa pele? A ba ke ba hlahise dipaki tsa bona, ba tle ba emelwe; batho a ba ke ba utlwe, mme ba re: Ke teng!

10. Ke lona dipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le yena mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, hore le tle le tsebisise, mme le ntumele, mme le ikutlwele hobane ke nna. Ha ho Modimo o bileng teng pele ho nna, mme o mong o ke ke wa eba teng kamorao ho nna.

11. Ke nna, ke nna Jehova; ha ho mmoloki e mong, haese nna.

12. Ke nna ya boletseng pele, ka ntoo pholosa, ka ba tsebisa taba tseo; hara lona ho ne ho se Modimo o mong; ka baka leo, le dipaki tsa ka, ho bolela Jehova, ke nna Modimo.

13. Le ho tloha tsatsing lena, e sa ntsane e le nna, ha ho motho ya ka ntshang ho hong letsohong la ka; seo ke se etsang, se ka thibelwa ke mang?

14. Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa lona, Mohalaledi wa Iseraele: Ka baka la lona, ke rometse ho lwantsha Babilona, mme ke tla ba dihela bohle, ba balehe le bona Bakalde ka dikepeng tseo ba ithorisang ka tsona.

15. Nna Jehova, ke Mohalaledi wa lona; nna, Mmopi wa Iseraele, ke Morena wa lona.

16. Ho thualo ke Jehova ya phuntsheng mmila lewatleng, le tsela metsing a matla,

17. ya ntshitseng dira ka makoloi, ka mapere, le makgotla le bahale; ba wele kaofela ha bona, ba ke ke ba hlola ba tsoha; ba tingwa, ba fela jwaloka kgwele ya lebone.

18. Le se ke la hopola taba tsa kgale, le se ke la nahana tse etsahetseng boholoholo.

19. Bonang, ke a hlahisa ditaba tse ntjha, di se di ya hlaha; na le ke ke la di tseba na? Ke tla phunya tsela naheng e tshehla, le dinoka naheng e omeletseng.

20. Dibatana tsa naha, le diphokojwe, le dimpshe di tla nteboha, hobane ke hlahisitse metsi naheng e tshehla, le dinoka naheng e omeletseng, ho nosa setjhaba sa ka seo ke ikgethetseng sona.

21. Setjhaba seo ke iketseditseng sona se tla bolela dithoko tsa ka.