BIBELE e Halalelang

Esaia 43:14-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa lona, Mohalaledi wa Iseraele: Ka baka la lona, ke rometse ho lwantsha Babilona, mme ke tla ba dihela bohle, ba balehe le bona Bakalde ka dikepeng tseo ba ithorisang ka tsona.

15. Nna Jehova, ke Mohalaledi wa lona; nna, Mmopi wa Iseraele, ke Morena wa lona.

16. Ho thualo ke Jehova ya phuntsheng mmila lewatleng, le tsela metsing a matla,

17. ya ntshitseng dira ka makoloi, ka mapere, le makgotla le bahale; ba wele kaofela ha bona, ba ke ke ba hlola ba tsoha; ba tingwa, ba fela jwaloka kgwele ya lebone.

18. Le se ke la hopola taba tsa kgale, le se ke la nahana tse etsahetseng boholoholo.

19. Bonang, ke a hlahisa ditaba tse ntjha, di se di ya hlaha; na le ke ke la di tseba na? Ke tla phunya tsela naheng e tshehla, le dinoka naheng e omeletseng.

20. Dibatana tsa naha, le diphokojwe, le dimpshe di tla nteboha, hobane ke hlahisitse metsi naheng e tshehla, le dinoka naheng e omeletseng, ho nosa setjhaba sa ka seo ke ikgethetseng sona.

21. Setjhaba seo ke iketseditseng sona se tla bolela dithoko tsa ka.

22. Leha ho le jwalo, Jakobo, ha o a wa nthapela, wa ikgathalletsa nna, Iseraele!

23. Ha o a ka wa ntlhabela ditjheso tsa dinku tsa hao, ha o a ka wa ntlotlisa ka mahlabelo a hao; ha ke a ka ka o etsetsa boima, ka ho re: O nnyehelle; leha e le ho o kgathatsa, ka ho kopa dibano.

24. Ha o a ka wa nthekela lehlaka le monko o monate ka ditjhelete, ha o a ka wa nkgorisa ka mafura a mahlabelo a hao; empa o nkgathaditse ka dibe tsa hao, o ntshwentse ka makgopo a hao.

25. Ke nna, ke nna ya tlosang ditlolo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa hao.

26. Nkgopotse, re tseke hammoho! Bolela, o tle o bonahale o le ya lokileng!

27. Ntatao moholo o sitilwe, baruti ba hao ba ikgantsheditse nna.

28. Ke ka baka leo ke nyedisitseng marena a sehalalelo, mme ka neela Jakobo ho rohakwa, le Iseraele ho nyediswa.