BIBELE e Halalelang

Esaia 43:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Empa jwale, ho itswe ke Jehova, moetsi wa hao, Jakobo, le mmopi wa hao, Iseraele: Se tshabe, hobane ke o lopolotse, ke o bitsitse ka lebitso la hao, o wa ka!

2. Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.

3. Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.

4. Hobane o bile thata mahlong a ka, mme ke o hlonephile, ke o ratile; ke bea batho bakeng sa hao, le ditjhaba ho lopolla bophelo ba hao.

5. O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena! Ke tla kgutlisa leloko la hao botjhabela, ke o bokelle le bophirimela.

6. Ke tla re ho leboya: Busetsa; le ho borwa: O se ke wa thibela; o kgutlisetse bara ba ka ba dinaheng tse hole, le baradi ba ka dipheletsong tsa lefatshe;

7. e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, hobane ke ba etseditse kganya ya ka; ke nna ke ba entseng, ke ba bopileng.

8. Tlisang setjhaba sa difofu tse nang le mahlo, le ba sa utlweng ba nang le ditsebe!