BIBELE e Halalelang

Esaia 42:13-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Jehova o futuha jwaloka mohale, o tsoha bohale jwaloka motho wa ntwa, o etsa mohoo, o phahamisa ditlatse tsa ntwa, o bontsha dira matla a hae.

14. Esale ke kgutsitse, ke ituletse, ke itshwere; jwale, ke howa jwaloka mosadi ya belehang, ke a fehelwa, ke a sisimoha.

15. Ke tla senya dithaba le maralla, ke omise botala ba tsona kaofela; ke tla fetola dinoka naha e thata, ke pshese madiba.

16. Ke tla tsamaisa difofu mmileng oo di sa o tsebeng, ke di ise ka ditsela tseo di sa di tsebeng; ke tla fetola lefifi lesedi pela tsona, le wona makukuno a fetohe lehwatata; ntho tseo ke tla di etsa, nke ke ka di tlohela.

17. Haele ba tshepang ditshwantsho tse betlilweng, ba reng ho ditshwantsho tse tsholotsweng: Le medimo ya rona, ba tla sutha ka santhao, ba swabe haholo.

18. Utlwang, lona ba thibaneng ditsebe; lona difofu, le tadime, le bone!

19. Ya foufetseng ke mang, haese mohlanka wa ka? Ke mang ya thibaneng ditsebe jwaloka lenqosa la ka, leo ke le romileng? Ke mang ya foufetseng jwaloka moratuwa wa ka? Ke mang ya foufetseng jwaloka mohlanka wa Jehova?

20. O bone taba tse ngata, empa ha o a ka wa di lemoha; ditsebe di ne di thibolotswe, empa o ne o sa mamele.