BIBELE e Halalelang

Esaia 42:1-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.

2. A ke ke a howa, a ke ke a phahamisa lentswe, a ke ke a le utlwahatsa diterateng.

3. Ha a kgaole lehlaka le robehileng, mme a ke ke a tima lebonenyana le sa kubellang; o tla hlahisa ho loka nneteng.

4. A ke ke a fokola, leha e le ho tepella, a eso ho bee ho loka lefatsheng; dihlekehleke di tla tshepa molao wa hae.

5. Ho itswe ke Modimo Jehova, ya entseng mahodimo, ya a phutholotseng, ya anehileng lefatshe le dimela tsa lona; ya neileng batho ba ho lona phefumoloho, le moya ho ba tsamayang teng:

6. Nna, Jehova, ke o bileditse ho lokeng, ke o tshwere ka letsoho, ke o bolokile, mme ke o entse selekane sa setjhaba sa ka le lesedi la ditjhaba,

7. ho tutubolla mahlo a difofu, ho ntsha ba holehilweng kgolehong, le ba dutseng lefifing teronkong.

8. Ke nna Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong kganya ya ka, nke ke ka nea ditshwantsho thoko e ntshwanelang.

9. Bonang, taba tsa pele di hlahile; jwale ke le bolella tse ntjha, ke le tsebisa tsona, di eso ho hlahe.

10. Binelang Jehova sefela se setjha, le tumise dithoko tsa hae dipheletsong tsa lefatshe, lona ba tsamayang hodima lewatle, le lona dibopuwa tsohle tse ho lona, lona dihlekehleke le ba ahileng ho tsona.

11. Naha e masabasaba le metse ya teng, le Bakedare ba ahileng ditenteng, ba phahamise lentswe, ba ahileng mafikeng ba bine, ditlatse di dume diqhoweng tsa dithaba.

12. Kganya e iswe ho Jehova, dithoko tsa hae di bolelwe dihlekehlekeng.

13. Jehova o futuha jwaloka mohale, o tsoha bohale jwaloka motho wa ntwa, o etsa mohoo, o phahamisa ditlatse tsa ntwa, o bontsha dira matla a hae.

14. Esale ke kgutsitse, ke ituletse, ke itshwere; jwale, ke howa jwaloka mosadi ya belehang, ke a fehelwa, ke a sisimoha.

15. Ke tla senya dithaba le maralla, ke omise botala ba tsona kaofela; ke tla fetola dinoka naha e thata, ke pshese madiba.

16. Ke tla tsamaisa difofu mmileng oo di sa o tsebeng, ke di ise ka ditsela tseo di sa di tsebeng; ke tla fetola lefifi lesedi pela tsona, le wona makukuno a fetohe lehwatata; ntho tseo ke tla di etsa, nke ke ka di tlohela.

17. Haele ba tshepang ditshwantsho tse betlilweng, ba reng ho ditshwantsho tse tsholotsweng: Le medimo ya rona, ba tla sutha ka santhao, ba swabe haholo.

18. Utlwang, lona ba thibaneng ditsebe; lona difofu, le tadime, le bone!